DEATH OF JESUS
LEFU LA JESU
Baisiraele ba ne ba talima lefu e le ntho e kekeng ea makatsa hobane ba ne ba re ke tsela ea lefatše lohle. Ke leeto le isang bohle ho bo-ntat’a bona.hape re hlile re tšoanela ho shoa, ‘me mohlang oo, re joale ka “metsi a tšolohetseng fatše ‘me a ke keng a bokelloa” (II Samuele 14:14). Bophelo bo bokhutšoanyane, bon a le tekanyo ea “boahlamo ba seatla” (Pesalema 39:5) ‘me “bo ka pululo feela” (Jobo 7:7), ‘me “ke ba seng bakae ba fetang lilemo tse mashome a supileng” (Pesalema 90:10).
Motho ha a shoetsoe ke oa habo o molokisetsa lebitla joaoloka ha ho entse Abrahama (Gen 23:1 – 20) e le ho moboloka ka hlompho. Pina e bineloang mofu ke pina ea malla ea mahlomola. Baiseraele ba ne ba hoopla hore bafu ba theohela “Nq’along ea bafu”, eo bohle ba eang ho eona. Ke nq’alo eo ba leng ho eon aba ke keng ba tseba ho rorisa Molimo le ho sebetsa. Empa ba ikhothatsa ka hore ba tšepahalang ho Molimo mohlomong b aka lelefaletsoa bophelo ba bona haholo.
Baiseraele ba isa pele monahano oa hore Molimo ke monamoleli oa ba o ratang le mosireletsi oa bona esita leha ba se ba le matleng a lefu, ‘me mohau oa Oona o ka ba ntša litlamong tsa lefu. Molumeli a ka ithoballa ka khotso ka ho tseba hore esita le lebitleng Molimo o ka hlahisa matla a Oona ho namolela eo a moratang. Ba ne ba lekanya hore Molimo o na le matla a ho “theosetsa lebitleng, le a ho nyolla teng” (I Sam 2:6; Hosea 6:2–3). Daniele o tiisa ka hore: ho feleng ha tsohle “ba bangata bat la tsoha leroleng la lefatše”, ba tsohele kahlolo (Dan 12:2).
Testamenteng e ncha re bona hore hoo Baiseraele ba neng ba ho bona ka lerotho, ho rona ho hlahile leseling le tletseng. E re: lefu le hlotsoe! Ke tsebiso e kholo e fetisisang ea Evangeli (II Tim 1:10). Re ka lumela tsoho ea bafu ka pelo eohle. (I bakor 15:2, 12–19). Ho tloha nakong eo Jesu Kreste a tliuleng ka eona re tseba hore lefu le senyehile (I Bakor 15:53), ha u san a moo e leng habo lona hobane Jesu o le amohile senotlolo sa nq’alo ea lona (Tšen 1:18).
Ho hlola hoo, re ho bona:
Hobane mohla Jesu a qalileng ho folisa bakuli lefu le boetse morao matleng a lona. Ka mohlomong le ile la tlameha ho molokollela khapo ea lona, le tla sutha butle-butle ka santhao esita le pela barumuoa ba Jesu Kreste.
Hobane liketso tseo le etelelitse pele hlolo e fetisisangeo Jesu a e phethileng mohla a lumelang ho shoa sefapanong. Re utloisise hore: tsatsing leo o shoele sebakeng sa rona. Ka ho re shoela Jesu o theohetse nq’along ea lefu, ‘me o lemohile matla a lona. Ha ho le joalo o inketse holim’a hae lefu la lefatše lohle, hobane lefu ke moputso oa sebe sohle. Ka mokhoa oo, bohle ba lumetseng ho Jesu Kreste ba furaletse lefu tsatsing leo Jesu a ba shoetseng; ba tsohetse bophelo. Lefu le k eke la ba boloka, joaloka ha le sitiloe ho boloka Jesu (Lik 2:)
Ha e le moo Jesu Kreste a Hlotse lefu re ka ipotsa hore na ke’ng ha re ntse te tseba lefu la ‘mele na? ke hobane ho ntse ho setse hore lefu le felisoe, ‘me ho tla etsahala mohla Jesu a tlang “la bobeli”, a etla ho theha ‘muso oa Molimo. Ho isa nakong eo e tlang re ntse re le bana ba Adama, batho ba nama, ba tšoanelang ho hlobola nama eo ka lefu, empa re tseba hore ea shoang a se a lumetse ho Jesu Kreste “o tla phela” le ha batho ba ka re “o shoele” lefu leo re lokelang ho le tšaba ke “lefu la bobeli”, le emelang batho ba sa kang ba lumela ho Jesu Kreste.
Potso e ‘ngoe e re: Ba shoeleng ba le tumelong ba kae, ha ba ntse ba lebeletse ho tla ha ‘muso oa Molimo na? ha ho lebaka la ho tseba nq’alo eo ba leng ho eona; seo re se tsebang ke hore ba paballong ea Jesu Kreste “Paradeising” (Luk 23:43), meahong e sa feleng (Luk 16:9), ‘me hore ha ho letho le tla tseba “ho ba arohanya le eena leratong la Molimo” (Bar 8:38–39). Temana tse ling li re ba robetse, e leng tšepiso e tšepisang bat la tsoha borokong boo, nakong eo ba tlang ho apara “’mele oa khanya” o balebeletseng. (I Bakor 15:42–44).
Amen!
TSOHO EA JESU – TSOHO EA BAFU
Mt 22: 23
Leha Testamente ea khale e re bolella litaba tsa batho ba bararo ba tsoselitsoeng bophelo mehleng ea Elia le Elisha (I Mar 17:12–24, II Mar 4:32–37; 13:21), Baiseraele ba ne ba sa kholoe hore tsoho ea bafu e k aba teng. Ba qalile ho ba le eona mohla ba khutlangg kholehong, ‘me ba tšepisitsoe hore Molimo o tla nchafatsa tsohle sechabeng (Ez 37:24–8). Mohla Esaia a buang ka mohlanka oa Jehova a lekanya hore morumuoa oa Molimo o tla tseba “tsoho ea bafu” (Es 53:10–12). Bukeng ea Jobo re fumana kholo e teng (Job 19;25–27), lipesaleme tse ling tsona li san a le tšepiso eo, empa ho se hlaloso e lekaneng hore re utloisise khopolo ea bona (Pes 16:10–11; 49:15; 73;23–28).
Re fumana hape ho Esaia tšepo e reng: “Lefatše le tla ntša bafu ba ho lona” (Es 25:19) le ho Daniel ea reng letsatsi la kahlolo ea ho fela e loketse batho bohle (Dan 12:2–3). Athe mehleng ea Jesu re bona phapang har’a baruti ba Bajudi. Basadusi ba ne ba latola kholo eo, athe Bafarisi bona ba ne ba e lumela (Mk 12:18–27; Lik 23:6–8).
Testamenteng e ncha tsoho ea bafu e bolelea ketso e matla ea Molimo. Ketso e hlahisang hantle hore bophelo bo Hlotse lefu. Lefu ha le sa na matla a ho felisa baetsa-libe, ‘me tsela e teng ea ho tsoa matleng a lona. Tsela eo e hlahisitsoe ke ho shoa le ho tsoha ha hae bafung.
Ho ne ho se motho lebitleng la Jesu mohla a tsoang ho lona a phela, empa barutuoa ba hae ba paka ka mokhoa o tiileng hore e fele o tsohile bafung, ba ‘mone a phela. Lipolelo tse ngotsoeng qetellong ea li-Evangeli tse ‘ne li ne li e-so ngoloe, empa re boleletsoe tsoho ea Jesu mangolong a Luka bukeng ea Liketso tsa Baapostola. Empa bopaki bo akaretsang hantle tsebo ea baapostola mabapa le eo re bo bala ho (I bakor 15:3–11).
Ka lipolelo tseo tsohle re ka lekanya hore:
Barutuoa ba Jesu ba ne ba sa labella hore Morena oa bona o tla tsoha bafung. Ba lemoha hore tsoho eo ke ketso e pakang matla a Molimo; ketso eo basitoang ho hlalosa phethahatso ea eona.
Ke ketso e lumellanang hantle le lipolelo tsa mangolo a khale a neng a tšepisitse hore Molimo o tla phallela batho ka nako e tšoanelehang.
Mehleng ea Paulose lipaki li ne ntse li le teng tse ka bolelang hore li ‘mone, e fela a tsohile bafung.
Tsebo eo ea bona, ba e bea pel’a bohle, ba bolela hore ke motheo oa tumelo ea bona, ba tšepile hore bohle ba ba utloang ba tla fihlela tumelong e kang ea bona.
Ha re bala ho li-Evangeli litaba tsa tsoho ea Jesu, tsa basali le barutuoa ba qalileng ho ‘mona a phela, re fumane hore lipolelo tseo ha li lumellane ka hohle, empa re lokela ho hopola hore banna le basali bao ba ne ba ferekane haholo maikutlong a bona, ke ho se lebelle mohlolo oo. Empa lipolelong tse re tla tšoaea hore ea tsohileng bafung, ‘me a itlhahisa ho bao a baratang, e ne e se seriti, empa motho ea nang le ‘mele. O itlhaisa ka mohlomonga e-na le ‘mele o utloileng bohloko ba lithakhisa (Jn 20:20, 27) kapa ea nang le ‘mele oa leholimo, ‘mele o khanyang, o sa hloloeng ke marako le bohole ba litsela. Ka polelo eo li-Evangeli li re bontša hore bonngoe ba bao ba babeli; Jesu ea ileng khanyne, ke eena Jesu ea utloileng bohloko ba lefu ka baka la libe tsa rona.
Tsoho ea Jesu bafung e re tsebisa thato ea Molimo ka rona: O tsositse mor’a oa Oona bafung ka baka la rona. Joale ka ha re tseba hore ho ne ho se kamoo re ka itokollang litlamong tsa bobe, ha e se ka thuso ea e mong ea nkileng sebaka sa rona kahlolong ea lefu. Molimo o tsositse bafung eo ea shoeleng sebakeng sa rona, hore le rona re neoe bophelo bo sa feleng. Paulose o rialo ha a bua ka “Jesu… ea teletsoeng lefu ka baka la libe tsa rona, ‘me a tsositsoe hore be aba lokileng” (Baroma 4:25). Ka tsoho ea Jesu re buselelitsoe bophelo, ‘me ho tloha kajeno re ka tšeapa hore bophelo bo sa feleng re na le bona, leha ntse e le ka mokhoa oa lerootho ka lebaka la tumelo e fokolang ea rona. Empa ka tsoho eo re boelane le Molimo re se re hlotse lefu ka Jesu Kreste.
Hape tsoho ea Jesu bafung e etella pele tsoho ea bohle mohl’a matsatsi a bofelo, e re tšepisa hore e sa le kajeno ‘muso oa lefu o hlotsoe, ho busa ‘muso oa bophelo. Li-Evangeli li re bontša ka litsoho bafung tseo li re bolellang tsona hore: efela “nako li phethehile, ‘muso oa Molimo o atametse” (Mar 1:15). Jesu lipolelong tsa hae, o kopantse kamehla tšepiso ea hlolo eo le ea hae, ha a ne a bolela bohloko bo mo emetseng ‘me a qetela ka hore “…a ntoo tsoha ka letsatsi la boraro” (mat 16:21; 17:9, 23; Mar 14:28; Luk 9:22). Ka mantsoe a bolelang ho tla ha ‘muso oa Molimo kapa oa maholimo. Li-Evangeli li se li ama tsoho ea bohle bafung. Empa haholo mangolong a Baapostola a re nehang litaba tse otlolohileng hantle mabapi le tsoho eo ea ho fela.
RE KA AKARETSA JOANA;
Hoja e ne e se ka tsoho ea Jesu bafung ho ka be ho se motho le a mong ea neng a ka tsoha bafung. Ka ho tsoha ha hae, “Kreste…o beiloe thakangoaha e aba robetseng” (I Bakor 15:20, 23; I Bathes 4:14).
Tsoho ea bafu e tla ba nako eo ho phatlalatsoang ka eona hore jesu o hlotse lira tsohle tse neng li khannela lefung, haholo lefu (I Bakor 15:26).
Tsoho eo e tla hlahela bohle ba lokileng (ke hore ba lumetseng ho Jesu) empa le ba sa lokang (ba hannneng ho utloa).
Ba tla tsohela bophelo bat la neoa ke Molimo, ‘mele oa khanya o kang oo barutuoa ba o boning ho Jesu ea tsohileng bafung (I Bakor 15:50–57; Bafil 3:20–21). Lumelang ho Jesu le tle le tsohele bophelo bo sa feleng.
Amen!!
NYOLOHELO (ASCENSION)
Ke taba e qetellang bophelo ba Jesu lefatšeng. Ke evangeli ea Luka feela e re bolellang eona, hobane bahlalefi ba lumellane hore litemana tsa Mareka 16:9-20 tseo re fumanang ho tsona polelo ea nyolohelo (19) ha lia ngoloa ke Mareka, li alimiloe ho e mong. Empa moo re tsebisoang ka mokhoa o tletseng taba ea nyolohelo ea Jesu ke bukeng ea Liketso tsa Baapostola (1:4-11).
Taba ena e lumellana hantle le lipolelo tseo Jesu a neng a li buile mohla a lemositseng barutuoa ba hae hore o “theohile leholimong” (Johanne 3:13, 7:33), ‘me o tla boela teng (Johanne 14:12, 28; 17:24). O sitoa ho sala hara bona kamehla ha batla ho phethisisa thomo eo a e abetsoeng (Johanne 16:7,28). Re lemosoa morero oa hae litemaneng tsa (Mattheu 28:16-20 le Johanne 20:21-22) moo re utloang Jesu a roma barutuoa ba hae hore ba be lipaki tsa hae lefatšeng lohle
Ka litemana tseo ta Liketso tsa Baapostola re utloa hore mohla ho fetileng matsatsi a 40, ho tloha ho la tsoho ea Jesu bafung, barutuoa baa he ba tlohetse ho ‘mona ka mahlo, empa sebakeng sa pono eo ba qalile ho mo utloa lipelong tsa bona, le ho buisana le eena ka thuso ea Moea o Halalelang. Puisano eo ke eona eo Jesu a neng a batšepisitse eona (Johanne 14:16-17; 26:7-15), ‘me o inehetse ka matla ‘ohle a hae ho isa pele, ka barutuoaoa ba hae, pholoso ea lefatše.
Tsatsi la nyolohelo ea Jesu ke mohato o moholo oa leeto la litaba tsa Jesu le tlohang letsatsingla tsoho ea hae bafung ho re fihlisa ho la Pentakonta (Liketso 2:33). Ka hona re lemohile hantle hore Jesu Kreste ke Morenaoa rona, ea phahamisitsoeng ka ho fetisisa (Bafilipi 2:9), eo re lokelang ho mokhumamela le ho moutloa (Mattheu 28:17; Bafilipi 2:10). Ho feta moo, ke ngoan’abo rona, eo re tla “lulisoa leholimong le eena” mohla Molimo o re tsosang bafung.
Hoo re ho thabelang moketeng oa nylolohelo ke ho tseba hore Jesu Krste o hara rona “kamehla eohle le ho isa bofelong ba lefatše” (Mattheu 28:20).
Amen!!!
PENTAKONTA
Ke mokete oa bobeli oa mekete e meraro ea Ba-Israele. O ile oa bitsoa Pentakonta, hobane o ne o etsoa ha ho fetile matsatsi a 50 ho tloha moketeng oa Paseka.
Ho rona Ba-Kreste, letsaatsi la Pentakonta le latelang Paseka ka matsatsi a 50, le re hopotsa neo ea Moea o Halalelang oo Jesu a neng a o tšepisitse barutuoa ba hae. Ha ho le joalo, ka mokete oa Pentakonta, re leboha, ‘me re thabela, neo eo e makatsang ea Moea o nang le matla a ho nchafatsa lipelo tsa rona.
MOEA O HALALELANG
Ke moea oa Molimo o neang motho Matla a ho phetha liketso tse makatsang. Samson o ile a fuoa matla a ho harola tau le ho khaola litlamo tsa Bafilisita. (Baahloli 14:6; 16:14). Maria o fuoa matla a ho emola ka Oona.
Ka Oona Molimo o tsebisa sechaba sa Oona litaba tse se lokelang. Ka Oona Molimo o phethisa litšepiso tsa selekane sa Oona. Ke moea oa bophelo, ke Oona o hlaisetsang motho bophelo, le ho libopuoa tsohle.
Ke moea oa Molimo o khannelang motho botleng. Baisiraele ba ne ba tseba hore ka bo bona bat la sitoa ho etsa ho lokileng ha ba sa tlatsoe ka Moea o Halalelang. ‘Me ba kopa hore Molimo o seke oa ba amoha Moea o Halalelang.
Ka thusoa ea Moea ona, Messia o tla hloma selekane se secha lipakeng tsa Molimo le sechaba sa Oona. ‘Me o tla atlehisa toka le bokhabane tse ratoang ke Oona. O tla etsa joalo a se a tlositse litšila, a nchafalitse moea oa motho ka thuso ea Moea Oona. Hoo ke ho bolela hore Moea oa Molimo ke Moruti, le Motsamaisi ea lemosang motho tsela e lokileng eo a lokelang ho tsamaea ho eona.
Testamente e ncha e lumellana hantle le ea khale ho bolela hore Moea oo: Ke moea o halalelang, Ke Moea o tsoang ho Molimo, ke Moea oa Molimo, o abeloang balumeli ke Molimo Ntate.
Moea o Hlalalelang ke matla a fetang ka ho fetisisa matla a motho oa lefatše. Ke a lumellang molumeli ho phetha liketso tseo re ka li bitsang mehlolo ka baka la boholo le bohlokoa ba tsona: e.g. pholiso ea bakuli ba mefuta, bohlale litabeng, tiisetso mahlomoleng, tsebo ea lipuo, boprofeta, phetolo ea lipuo le temoho ea meea, le tumelo e lekanang.
Moea o Halalelang oa hloekisa, oa nchafatsa.
Mo barutuoa ba Jesu ba amohelang Moea o Halalelang letsatsing la Pentakonta ba tsebile ruri hore nako e fihlile ea ho phatlalatsa tsa poloko e ho Jesu Kreste hobane ba na le MATLA ao ba neng ba a tšepisitsoele hore MOrena e aba abelang ’ona o lutse letsohong le letona la Molimo Ntate. Ke hore o na le matla ’ohle a Molimo ‘me ke seo ba qalileng ho inehela son aka cheseho le mafolofolo.
Matla ao a Moea a tseba ho halaletsa balumeli le ho ba nea bophelo bo bocha bo se nang ho fela. A ba lamella ho phela bophelo bo molemo bo kang boo Jesu a bo phetseng lefatšeng. Ba na le “Moea oa Kreste.” Ke hore ke ba Hae, ka hoo ba ka bitsoa BAKRESTE.
Moea oo, o ba tšepisa hore ba amohetsoe ke Molimo, ba fetohile bana ba Oona. Ba lokolotsoe litlammong tsa sebe, ‘me qetellong ba tšepe hore bat la tsoha bafung joaloka Kreste, ba amoheloe ho Molimo. Moea o Halalelang ke “matla” a tsoang holimo ho Molimo kapa ho Jesu Kreste. Empa Bo-Molimo ba moea bo hlaha le bona lipolelong hae. Kabelo ea Moea Oona e ka bapisoa le ea Molimo le ea Jesu Kreste.
Moea Oona ke ‘nete. Ke moemeli ea nkang sebaka sa Jesu ho phallela barutuoa, le ho ba ruta tsohle, le ho ba hopotsa polelo tsa hae hore ba tsebe ho mopakela hantle tseo ba li rutiloeng ke Jesu Kreste ha a sa le lafatšeng.
Re utloile hore na Moea o Halalelang ke eng. Na O sebetsa joang mothong, empa e seng motho feela, motho eo e leng Mokreste. Re utloile matla a Oona.
Bang re kene kapa re bile Bakreste Moea o Halalelang o se ntse o le teng. Seo ke ratang ho le hlokomelisa sona ke hore, ha le bonahale hore le Bakreste. Mohlomong ka liaparo le ka bitsoa Bakreste. Empa mwkhoa le liketso tsa lona lia hana hore le ba Kreste.
Haeba le amohetse Moea o Halalelang, “Lintoa le liphapang tse hara lona li tsoa kae? Li bakoa ke’ng?” (Jakobo 4:14). (II Tim 23) “Haeba le tsamaisoa ke Moea o Halalelang le ngala liphutheho tsa lona hobaneng? Ha “matla” a Moea o Halalelang a le teng ho uena, u phetetsa bobe ka bobe hobaneng? Athe Molimo O re; “ratang bao e leng lira ho lona, le hlohonolofatse ba le rohakang, ba le hloileng le ba etse hantle, le rapelle ba le tsohelang matla”.
U lokisitsoe, u hloekisitsoe ka Moea o Halalelang. Empa e kare ha ho so etsoe letho ho uena. “Kolobe kamor’a hore e hlatsuoe, e boetse e ipitika seretseng”. “Ntja e khutletse mahlatseng a eona.” Seo Moea o Halalelang o leng sona ke ho re etsa libopuoa tse ncha ho re lokisa ho re halaletsa. Ho fihlela joale re ntse re bea Molimo bopaki ba lintho tseo a itseng re seke ra lietsa. E be re re O tla re tšoarela? Molimo a ke ke a re tšoarela linthong tseo re lietsang ka boomo re tseba hore re etsa phoso.
Khoeling e ‘ngoe le e ‘ngoe Sontaheng sa pele re bala melao e leshome. Empa melao eo re e tlola joaloka batho bas a tsebeng letho, re bile re sa tšoha letho. Sontaha se seng le se seng re etsa Thapelo ea Morena, eo ka hara eona ho nang le mantsoe ana; “O re tšoarele melato ea rona joalokaha re tšoarela ba nang le melato le rona” empa ha re tšoarele. na ho fihlela kajeno u Mo-Kreste lebitso, ha e le litholoana tsa Moea ha li eo ho uena? Feela u ntse u re u Mo-Kreste?
Ke nako ea hore re u sokolohe u fe Moea o Halalelang sebaka pelong ea hau e le hore litholoana tsa bolumeli bah au li bonahale. Ke nako ea hore u bolele “MATLA” a Moea o Halalelang ho ba sa a tsebeng.
“Letsatsi la Pentakonta ha le se le fihlile, ba ne a lutse bohle nq’along e le ‘ngoe…” (Luka 2:1). Rona re tla tšoana le Barutuoa ba Hae joang hobane e sale rona, re ikutloa bo-rona, ha ho letho le ka re sisinyang. Ak’u lumele ‘m’e le ntate, e mocha le uena ngoana, u tle u tsebe ho thapa u tle u tsebe ho tsamaisoa ke moea ona.
Ha ho na le taba eo ho ka buuoang ka eona kerekeng u tla utloa re lobokana kapa re e sebetsa ka ho soetsa. Eka hoja re soetsa motho ea itseng athe re soetsa mong’a Moea o Halalelang, e leng Molimo.
Baratuoa, a re rataneng hobane lerato le tsoa ho Molimo; ‘me lerato lena leo re sa sebetseng ka lona Molimo o le hlalositse ka makhethe (I Bakorinthe 13:1-13). O re binetse ka makhethe a hlollang tsa Bonngoe ba tumelo (Baefese 4:1-16). A fana fela hape ka lihlomo tsa Moea (Baefese 6:10-20).
“Le seke la soabisa Moea o Halalelang oa Molimo, oo le tšoaetsoeng letsatsi la topollo ke oona tse bohloko tsohle, bohale, ho itšena, likomang, ho seba le lonya lohle li falatsoe ho lona; le rekolohelane, le hauhelane le tšoarelane joalokaha Molimo le Oona o le tšoaretse, ka Jesu Kreste,
Amen!!!
Congratulations @motai! You have completed some achievement on Steemit and have been rewarded with new badge(s) :
Award for the number of posts published
Click on any badge to view your own Board of Honor on SteemitBoard.
To support your work, I also upvoted your post!
For more information about SteemitBoard, click here
If you no longer want to receive notifications, reply to this comment with the word
STOP
Do not miss the last announcement from @steemitboard!